Phupu 2026 Kgatiso 2

Baithuti ba Limpopo ba bapatsa ditsebo tsa robotics sebaeng sa matjhaba

Baithuti ba Baithuti ba Sekolo sa Poraimari sa Mashupye Tladi le sa Sekhondari sa Bokamoso ba ne ba emetse Afrika Borwa Ditlhodisanong tsa Makgaolakgang tsa Batjha tsa Robotics mane Geneva Switzerland moo ba neng ba bontsha boiphihlelo ba bona ho tsa coding le robotics. Setshwantsho: Se fanwe.babedi ba tswang Limpopo ba emetse Afrika Borwa Tlhodisanong ya Makgaolakgang ya Good Youth Challenge mane Geneva, Switzerland.

Robo-Kidz ya Sekolo sa Poraemari sa Mashupye Tladi le Roborise ya Sekolo sa Sekhondari sa Bokamoso, di hlodisane ho tloha ka la 7 ho isa la 10 Phupu 2026 mane Sitsing sa Matjhaba sa Dipontsho le Dikopano sa Palexpo.

Mona ba ile ba fihlella makgaolakgang ka mora ho fetela mekgahlelong ya lehae, profensi le naha, moo Robo-Kidz e ileng ya hapa Mokgahlelo wa Bana mme Roborise yona ya hapa Mokgahlelo wa ba Baholo.

Mosuwehlooho wa Bokamoso e leng Titus Satlau, o itse sekolo sa hae se qadile ho ipabola kgahlano le dikolo tsa Afrika e ka Borwa.

“Re hlodisane le dinaha tse ngata ho phatlalla le Afrika e ka Borwa, mme re ile ra kgethwa jwalo ka sekolo se sebetsang hantle ka ho fetisisa bakeng sa coding le robotics,” ho boletse Satlau. Baithuti ba supileng ba kereiti ya 8 ho isa ho ya 11 ba qetile nako e ka bang dikgwedi tse nne ho isa ho tse tsheletseng ba ntse ba hlahisa roboto ya tsa temo.

“Re hlahisitse projeke bakeng sa lekala la tsa temo. Projeke ena e reretswe ho ntlafatsa tshebetso ya temo ka diroboto tse kgonang ho nosetsa le ho potlakisa tlhahiso. Diroboto di potlakisa tshebetso ho ena le ho etsa mosebetsi ka matsoho.” ho boletse Satlau.

Sekolo sena se ipabotseng ka tsa setekgeniki se mane Seshego, mme se sebetsa ka disebediswa tse haellang. 

“Re sekolo sa Mokgahlelo wa bo 3, e leng ho bolelang hore re hloka disebediswa le tjhelete. Sekolo sa rona se na le meaho e senyehileng; re hloka meaho e nepahetseng hore baithuti bana ba tle ba fihlelle maemo a hodimo a tshebetso ka moo ba kgonang. Re sekolo sa kgale, empa re sebetsa hantle dithutong tsa dipalo, saense le thekenoloji,” ho rialo Satlau.

“Phihlello ena ke mohato wa bohlokwahadi. Ha re ne re qala, re ne re sa nahane hore le ka mohla re ka fihla maemong ana ao re leng ho ona. Taba ya hore bana ba ne ba thabetse projeke ena, ho re bolella hore baithuti ba rona ba ka ya hole ka dipalo, saense le thekenoloji.”

Mosuwehlooho wa Sekolo sa Poraemari sa Mashupye, Tladi Mercy Kgomo, yena o etelletse pele baithuti ba tsheletseng ho tswa sekolong sa Mokgahlelo wa 3 se dilemo di 36, ho tswa moo sebakeng sa Seshego.

“Bona ke boiphihlello bo boholo bakeng sa rona re le sekolo. Ke na le titjhere e lerato le leholo, Maphuthi Setumu, ya ratang coding le robotics; mme o etsa dimaka ka baithuti ba hae.”

Basuwehlooho ka bobedi ba ile ba leboha Lefapha la Thuto ya Motheo (DBE) bakeng sa tshehetso ya ditjhelete le ho hlophisa leeto lena ka Letlole la Dipehelo la Dipalo, Saense le Thekenoloji.

Molaodi ya Tshwereng Mokobobo wa DBE bakeng sa Dikgokahanyo, Terence Khala, o boletse hore boiphihlelo bona bo supa boleng ba tsetelo ya nako e telele bakeng sa bokamoso.

“Baithuti bana ba bapatsa tshebetso e tswileng matsoho ya thuto ya Afrika Borwa sebaeng sa matjhaba. Katleho ya bona e paka se ka kgonahalang ha re tsetela ho tsa boiqapelo, ho ruta ha maemo a hodimo le menyetla ya bohlokwa e dumellang batjha ho sebedisa tsebo ya bona ho rarolla diphephetso tsa nnete,” ho phethetse Khala.

General
Share this page