Ho
Nkanyiso Eric Ngobese, ho fumana thepa ya lebenkeleng ya boleng ba R40 000 bakeng sa spaza sa hae, ke ntho e fetang thekisetsano ya kgwebo. Ho yena seo se bolela mohato o moholo leetong la hae la ho ba morekisi wa lekeisheneng la Thekong.
O tswa lekeisheneng la Umlazi, karolong ya K, mme Ngobese, o sa tswa fumana tshehetso ya thepa ya lebenkeleng tlasa Letlole la dimilione tse R500 la Tshehetso ya Mabenkele a Di-spaza, e leng letsholo la mmuso le reretsweng ho eketsa bonkakarolo ba mabenkele a Maafrika Borwa a di-spaza kgwebong tsa makeisheneng le mahaeng.
Ha a bua haufinyane ka mora ho amohela thepa ena, Ngobese o bontshitse teboho bakeng sa tshebeletso e tswileng matsoho le tshehetso eo a e fumaneng ho tswa ho letlole lena.
“Thepa ena e tlo thusa lebenkele laka haholo mme e tla netefatsa hore dishelefo tsa ka di tlala thepa,” o rialo.
Thepa ena e kenyeletsa dinomaphodi, folouru, raese, ditjhipisi, mahe le thepa e nngwe ya bohlokwa e rekiswang haholo mabenkeleng a lekeisheneng.
Ho Ngobese, boleng ba tshehetso ena bo bohlokwa haholo.
“Theko ya thepa eo ke e fumaneng e ne e le R40 000. Ke ne ke sa nahane hore ka le leng nka reka thepa ya tjhelete e ngata hakalo. Ona ke mohato wa bohlokwa haholo ho nna, mme ke lebohile ho menahane,” o buile jwalo.
Ha a qeta ho amohela thepa ena, o ile a hakanya hore thepa eo e tla qeta nako e ka bang dibeke tse tsheletseng, e leng se tla neha kgwebo ya hae motheo o matla wa thekiso e le hore a tle a etse phaello le hona ho hodisa kgwebo ya hae. Letlole la Tshehetso ya Mabenkele a Di-spaza le thakgotswe ka 2025 ho tshehetsa mabenkele a di-spaza a tshwanelang, le a mang a rekisang dijo. Letlole lena le fana ka tjhelete e fihlang ho R100 000 bakeng sa lebenkele ka leng ka mefuta e mmedi, e leng tshehetso ya ditjhelete le kadimo ya yona e nang le tswala e tlase.
Tshehetso ena e kenyeletsa phano ya tjhelete bakeng sa ho reka setoko sa pele, ntlafatso ya meaho le disebediswa, disebediswa tsa ntshetsopele ya kgwebo le disistimi tse nolofatsang ditefiso. E boetse hape e thusa beng ba mabenkele ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bohlweki le tatelo hore ba fane ka dihlahiswa tse bolokehileng, tsa maemo a hodimo ho bareki ba bona.
Bohlokwa ba ho latela melao Boiphihlello ba Ngobese ka bo bona bo supa bohlokwa ba tatelo ya melao. O itse o utlwile ka lenaneo lena ka EasyPay ya ba ha morao o ya ho Stop-to-Shop, moo a ileng a hloka ho fana ka tokomane ya hae ya boitsebiso, bopaki ba bodulo le ditokomane tse ding tse amehang.
Ha a ne a etsa kopo ya phemiti ho tswa ho Mmasepala wa eThekwini, o ile a tlameha hore a fumane lengolo ho tswa ho mokhanselera wa hae. Lebenkele la hae le ile la hlahlojwa ho netefatsa hore le loketse kgwebo, mme ka mora dikgwedi tse tsheletseng, o ile a fumana phemiti ya hae. Tshehetso ena e matlafaditse merero ya hae ya ho atolosa kgwebo ya hae.
“Thepa ena e tla nthusa ho hodisa le ho atolosa kgwebo ya ka. Ha kgwebo e hola, ke tla kgona ho theha menyetla ya mesebetsi le ho hira basebetsi ba bang,” o buile jwalo. Ha jwale, Ngobese o hirile batho ba bane mme o tshepa hore a ka theha mesebetsi e meng ha kgwebo ya hae e ntse e hola.
Lebenkele la hae le bula ka 6:30 hoseng mme le kwala ka 9 bosiu, e leng dihora tse telele tse hlokehang bakeng sa kgwebo ya lekeisheneng.
“Keletso ya ka ho beng ba dikgwebo tse nyane ke hore ba rate dikgwebo tsa bona, ba di sireletse mme ba shebane le ho di hodisa. Hore kgwebo e atlehe, ho hlokeha tjantjello hore ka le leng le bona ba tle ba kgone ho fumana thuso ya tjhelete,” o rialo.
Di-spaza tsa Maafrika Borwa
Ka kgwedi ya Motsheanong, Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le boletse hore le amohetse tjhelete e kalo ka dimilione tse R179.6 ho tshehetsa Letlole molemong wa di-spaza tse tshwanelehang tse 2 369 tsa Maafrika Borwa naheng yohle.
Palong ena, Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le Ditjhelete, oo hape o bitswang SEDFA, o amohetse dikopo tse 1 316 tsa boleng ba dimilione tse R79.6, ha Letlole la Naha la Matlafatso le tjhaetse monwana dikopo tsa dikgwebo tse 1 053 tsa boleng ba dimilione tse R99.9. Letlole le fumane dikopo tse 4 522, mme tse 4 240 ho tsona di se di lekotswe.
Leha ho le jwalo, ho ikamahanya le melao e ntse e le bothata bo boholo. Ke 58% feela ya bakopi ba nang le dilaesense tse sebetsang tsa kgwebo kapa tsona diphemiti tsa nakwana tsa bommasepala.
Tshehetso e fumanehang e kenyeletsa theko ya thepa, disebediswa tsa tefiso, ntlafatso ya meaho le disebediswa le ditshebeletso tsa ntshetsopele ya kgwebo.
Ngobese ke paki ya hore ka tshehetso le ho ba le lerato la kgwebo, ho ka thusa hore dikgwebo tse nyane di ntlafale le hona ho phahamisa moruo wa lekeisheneng le wa mahaeng.