Phupu 2026 Kgatiso 2

Moqapi e motjha o hlahisa diborele tse bohlale tsa AI ho thusa batho ba nang le bothata ba pono

Written by More Matshediso

Elihle Stali Elihle Stali, mohlahisi wa Spectacles4TheBlind SA o bontsha ka diborele tsa hae tse sebedisang AI ho thusa batho ba nang le bothata ba pono hore ba kgone ho itsamaela ka bolokolohi. Bonono bona ba hae bo tla ka nako eo Afrika Borwa e ketekang Kgwedi ya Naha ya Saense e ketekwang ka kgwedi ena ya Phupu tlasa lepetjo le reng "Saense, Thekenoloji le Boqapi ke tsa Bohle." Setshwantsho: Se fanwe.ya dilemo di 23 feela, ya tswang motseng wa Nxamkwana, Kapa Botjhabela, o hohela kgahleho ya matjhaba ka boiqapelo ba hae bo makatsang bo reretsweng ho thusa batho ba nang le bothata ba pono hore ba phele ka boikemelo.

Stali ke mothehi le Motsamaise e Moholo wa Spectacles4TheBlind SA, e leng khamphane e hlahisitseng diborele tse bohlale tse sebedisang AI ho kgona ho hlwaya le ho hlalosa dintho ka modumo. 

Sesebediswa sena se bolella basebedisi ba sona e leng se ba thusang ho utlwisisa betere maemo a haufi le bona. 

Ha jwale, diborele tsena di sebetsa ka Senyesemane, Seburu, Sexhosa, Sezulu le ka Sesotho.

Stali o sa tswa buisana le Vuk’uzenzele ka mora ho thakgolwa ha Kgwedi ya Naha ya Saense, e  leng Phupu, e ketekilweng tlasa lepetjo le reng, “Saense, Thekenoloji le Boqapi ke tsa Bohle.” Ka letsholo lena, ho ikemiseditswe ho kgothaletsa kutlwisiso ya setjhaba ya tsa saense le boqapi.

Moitshebetsi enwa wa motjha o sa tswa kgutla Hong Kong, China, moo a nkileng karolo tlhodisanong ya maemo a hodimo ya Leap Startup East jwalo ka e nngwe ya dikgwebo tse 150 tse ka hodimo lefatsheng tse kgethilweng hore di hlodisane le hona ho bapatsa.

Ketsahalo ena e ile ya mo thusa ho fumana batshehetsi monahanong ona wa hae. 

“Ka mora ho buisana le bao e ka bang batsetedi le bahlahisi sebaeng sena, ho na le kgonahalo ya ho kenya dipuo tse ding tsa matjhaba ho sesebediswa sena hore batho ba nang le bothata ba pono lefatsheng ka bophara ba une molemo wa thekenoloji ena,” ho boletse Stali.

Leha a sokotse ho fumana tjhelete ho etsa hore sesebediswa sa hae se hlahise tjhelete, empa tshehetso e tswang o Mmasepala o Moholo wa Buffalo City, e mo dumelletse hore a be teng ketsahalong ena ya Hong Kong.

“Qalong, ke ne ke se na bonnete ba hore ke tlo fihla jwang China,” o ile a rialo.

“Ke nkile qeto ya ho arolelana ka pale ya ka ho TikTok mme e ile ya thetsa maikutlo a batho ba bangata. Ba ile ba nkgothaletsa hore ke qale letsholo la BackaBuddy hore balatedi ba ka ba tle ba nthuse bakeng sa leeto lena.

“Ena e bile ketsahalo e nkgopotsang moo ke tswang teng. Ke ithutile yunivesithing e rehelletsweng ka Ntate Madiba, moo re rutilweng ka ditumelo le mehopolo ya hae. Mona jwale ke kopane le Maafrika Borwa a phelang tumelo ya Ubuntu mme ba tshehetsa leeto. Ketso ena ya bona e ile ya mmakatsa le hona ho nkgothatsa haholo.”

Ho kgothatswa ke tshepiso 

Mohopolo wa Stali wa ho etsa Spectacles4TheBlind SA o tlile ka lebaka la nkgono wa hae ya neng a na le bothata ba pono.

Ha e sa le ngwana, o ne a dula a mo felehetsa hohle moo a neng a ya teng mme a mo thusa ho etsa mesebetsi ya hae ya letsatsi le letsatsi.

“Ke ne ke dula ke araba ka pele ha a mpitsa,” o ile a hopola.

“Ke ile ka mo tshepisa hore ka le leng la matsatsi, ha ke se ke hodile, ke tla hlahisa sesebediswa se tla mo dumella hore a tsamaye ntle le thuso ya mang kapa mang.”

Leha nkgono wa hae a ile a hlokahala pele toro ya hae e phethahala, Stali o ntse a itlametse ho phethahatsa tshepiso eo ya hae.

“Kajeno, ke lehlohonolo la ho ba le tsebo le bokgoni bo hlokehang hore ke latele toro eo ya bongwaneng ba ka,” o ile a rialo.

Leha ho le jwalo, leeto la hae le bile le mathata.

Stali ha a ka a ba a kgona ho tswela pele ka dithuto tsa hae tsa Bachelor of Commerce ho Computer Science and Information Systems Yunivesithing ya Nelson Mandela ka lebaka la mathata a ditjhelete.

O hlalositse hore o ile a lahlehelwa ke tshehetso ya ditjhelete ho tswa ho Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti (NSFAS) ka mora ho fetola lekala la hae la dithuto ho tloha ho Bachelor of Science ho ya ho ya Commerce.

Ho kgaolwa hona ha tshehetso ya tjhelete ke ka lebaka la Molao wa NSFAS N+, o bolelang ha letlole lena le tla o tshehetsa feela bakeng sa lengolo le le leng la thuto ha mmoho le selemo kapa tse pedi ka mora moo.

Leha ho bile le mathata, Stali o ntse a ikemiseditse ho qetela grata ya hae ka 2027.

“Ha ke so ka ke feila efe kapa efe ya dimojule tsa ka, ka hoo, ke kgothetse hore ke phethele seo ke se qadileng,” o ile a rialo.

Temoho ya neo ya hae ya boqapi 

Leeto la Stali la boqapi le qadile ha a ntse a le sekolong.

Ka 2019, ha e le mothuiti Kereiting ya 11, o ile a hapa tlhodisano ya lebatowa ya Eskom Expo for Young Scientists a sebedisa mohopolo o tshwanang oo ha morao o ileng wa fetoha wa ba Spectacles4TheBlind SA.

Leha a sa ka a hapa boemong ba naha, empa ditshwaelo tseo a di fumaneng di ile tsa mo kgothatsa hore a tswele pele ho ntlafatsa mohopolo oo wa hae.

Mamello ya hae e ile ya mo putsa. Ka 2023, ha a ne a etsa selemo sa hae sa pele sa grata ya BCom, o ile a hapa mohope wa Mohopolo wa Kgwebo wa Boiqapelo o Motle ka ho Fetisisa Thodisanong ya naha ya Ntshetsopele ya Boitshebetso e Pakeng tsa Diyunivesithi.

Phihlello ena e ne e le bohlokwahadi hobane o ne a hlodisana le baithuti ba honours, masters le ba PhD ho tswa ditsing tsa naha ka bophara.

“Seo se ile sa phahamisa boitshepo ba ka e le ka nnete,” o ile a rialo.

“Ho hlodisana le baithuti ba seng ba na digrata, ha mmoho le ho hlola, ho ile ha mpontsha hore mohopolo wa ka o na le kgonahalo e ntle ya ho ba nnete. Sena se ile sa nkgothatsa hore ke tswele pele ho kenela ditlhodisano le ho batla menyetla ya ho hodisa kgwebo.”

Esale ho tloha ka nako eo, Stali o tswetse pele ho elellwa ke ba bangata, ho kenyeletswa le ho kgethwa e le mong wa bahlodisani ba ka hodimo ba 12 ketsahalong ya Gordon Institute of Business Science (GIBS) Festival of Ideas.

General
Share this page