Filimi e ntjha
ya bana e qabolang e tlo ruta bana le hona ho ba hlokomedisa ka paballo ya tikoloho sebaeng ha Zweli and the Lemon Seed e bula ho Kippies Fringe mane Market Theatre.
Ba e tlisetswa ke Phephanepeni, ka tshebedisano le The Art Cave le Market Theatre mme filimi ena e qala ka la 30 Phupu ho isa ka la 2 Phato 2026. Filimi ena ya metlae e ngotswe le ho tsamaiswa ke Philile Ntimbane mme e sebedisa ditsheho, ho sisinyeha le bonkakarolo ba babuhi ho ruta bana ka tlhahiso botjha ya matlakala, bohwai, ho se bake bohlaswa le bobe ba ho lahlela matlakala moo ho sa dumellwang.
Market Theatre e itse pale ena e bua ka Zweli, “moshemane ya setoutu wa lekeisheneng” ya neng a romelwe ho ya dula le nkgono wa hae matsatsing a phomolo ya sekolo ka mora hore a ne a sa atleha sekolong le ka mora ho baka mathata lapeng. Jwalo ka ha a ne a le hole le Wi-Fi, le dijo tsa rekwang di phehilwe, Zweli jwale mona o kopana le rapolasi ya mo tsebisang ka tsa tlhaho le boikarabello ho tsa tikoloho.
Ka filimi ena, ho rerilwe ho ruta bana ka karolo eo ba ka e bapalang tshireletsong ya tikoloho. Market Theatre e re filimi ena e “bua le babohi” ka ho mema batjha ho arolelana ka ditharollo tsa bona tsa tlhahiso botjha ya matlakala.
Jwalo ka ha ho sebediswa disebediswa tse mmalwa le diketsahalo tse mmalwa filiming ena, sepheo se seholo sa yona ke ho siya bana ka dithuto tseo ba tla di hopola le ka mora ho boha filimi ena.
“Jwalo ka ha re phela nakong eo ditaba tsa tikoloho di sa natsweng,” Market Theatre e boletse hore filimi ena e fa babohi ba banyane “monyetla wa ho nka bohato”.
Ntimbane o re filimi ena e arabela tabeng ya tlhokeho ya difilimi tsa tsa bana Afrika Borwa.
“Ho na le sekgeo se seholo difiliming tsa bana Afrika Borwa,” ho boletse Ntimbane. O boletse le hore difilimi tsa thuto di thusa bana ho hopola dithuto tsa bohlokwa nako e telele ka mora ho boha filimi eo.
Ntimbane ke sengodi le mohlahisi wa difilimi wa Afrika Borwa ya nang le boiphihlelo ba dilemo tse 16. O na le mangolo a thuto ho tswa Yunivesithing ya KwaZulu-Natal le ya Thekenoloji ya Thekong. O sebeditse le Joburg City Theatres le The Playhouse Company.
Ka 2023, o ile a theha Phephanepeni (Pty) Ltd, eo mesebetsi ya yona e fetileng e kenyelletsang Democrazy, e leng filimi ya metlae e buang ka demokrasi ya Afrika Borwa.
Zweli and the Lemon Seed e ne e le karolo ya lenaneo la teko la BASA Grant 2.0 nakong e fetileng mme e ile ya bapatswa Lekeisheneng la Ngwelezane ka leboya ho KwaZulu-Natal.
Market Theatre e bolela ha bana ba ka lebella “ho tsheha, ho buisana le ho tsamaya ba ithutile dintho tseo ba ke keng ba di lebala le ka mohla.”