Phupu 2026 Kgatiso 2

Motjha eo e leng serutehi ho sebedisa thuto ho thusa borapolasi ho fihlella mebaraka

Written by More Matshediso

Lebakeng Mokhele Lebakeng Mokhele ke e mong wa bathehi ba Bucks N Bucks Setshwantsho: Se fanwe.(30), ya tswang Harrismith Foreistata, ke serutehi seo dipatlisiso tsa sona di thusang borapolasi ba holang ho fihlella mebaraka. 

Ha jwale o ntse a ithutela lengolo la Master of Commerce bakeng sa Tsamaiso ya Kgwebo mane Yunivesithing ya Foreistata (UFS). Dipatlisiso tsa hae di shebane le ka moo mokgwa wa theko ya thepa ho tsa kgwebo o ka dumellang borapolasi ba banyane le ba holang ho fihlella mebaraka. 

Ha a ne a bua le Vuk’uzenzele, Mokhele o boletse ha leeto la hae ho tsa temo le qadile ha a ne a ntse a ithutela lengolo la Bachelor of Commerce hona moo UFS.

“Ke qadile ka ho reka meroho Pick n Pay e haufi mme ke e rekisetsa batho motseng wa heso. Ka tsebo ena, ke ile ka lemoha hore ho molemo ho itlhahisetsa dijo hona le ho di rekisa feela. Seo se ile sa nkgothaletsa hore ke ithute ka tsa bohwai,” o ile a rialo.

Leha a se na thupello ya semmuso ya tsa temo, empa Mokhele o qetile dihora tse ngata a bala dikoranta tse ngata le dibuka ho ikekeletsa tsebo ya hae. Ha morao, o ile atolositse kgwebo ya hae ya bohwai a kenyeletsa le temothuo. 

Kajeno, Mokhele ke mookamedi wa Bucks N Bucks, kgwebo e kopaneng e kenyeletsang dikgomo tsa Bonsmara, dinku tsa Dorper le tlhahiso ya meroho. Kgwebo ena e rekisetsa bakeri ba lehae ba baholo le ba banyane meroho Foreistata yohle. Dikonyana di rekisetswa dilakgapane, ha manemane ona a a isa moo dikgomo di nontshwang teng pele di hlajwa. O etsa mosebetsi ona polasing ya hae ya dihektara tse 1 300 ho tloha ka 2024.

Ho fihla jwale, kgwebo ena e sa ntsane e thehile mosebetsi o le mong feela wa ka nako tsohle, le e 12 ya dihla, ho latela maemo a tlhahiso. Kgwebo ena e boetse e theha menyetla ya mesebetsi ka tefello ya ditshebeletso tsa tsamaiso ya dibuka tsa kgwebo le keletso ka tsa kgwebo.

Mokhele o re ho ithuta ka tsamaiso ya kgwebo ho fetotse maikutlo a hae ka bohwai.

“Temo ha e mabapi le tlhahiso ya dijo feela, empa e boetse e mabapi le ho aha dikgwebo tse tswellang, ho theha mesebetsi, ho laola kotsi kgwebong ha mmoho le ho ntshetsa pele meralo e sebetsang ya tlhahiso,” o boletse jwalo.

Ho tshehetsa dihwai tse holang 

Ka lebaka la thahasello ya hae ho tsa bohwai, o sebetsa le Centre for Global Change (CGC) mane Vrede moo ba hlwayang dihwai tse nang le bokgoni ba ho fihlella mebaraka ya tsa temo. 

Tshehetso e fumanehang mona e kenyeletsa phano ya dipeo, disebediswa tsa tlhahiso, thepa ya temo, keletso ya setekgeniki, mananeo a ho enta diphoofolo, meralo ya kgwebo, thuso mabapi le ho ikamahanya le molao, tlhahisoleseding ka mebaraka ha mmoho le bahokanyi le bareki.

“Maikemisetso a rona ha se feela ho ntlafatsa tlhahiso, empa re boetse re batla ho thusa ho aha dikgwebo tsa temo tse tswellang tse ka hlodisanang tabeng ya thekiso ya thepa,” o ile a rialo.

CGC e tsheheditse dithuto tsa Mokhele mme ya fana ka tjhelete e fihlang ho R200 000 bakeng sa projeke ya Dipolasi tsa Vrede.

Mokhele o fumane lengolo la hae la BCom Honours ho Tsamaiso ya Kgwebo ka dinaledi ho tswa UFS mme a fumana kgau ya Allan Gray jwalo ka e mong wa baithuti ba sebetsang hantle ka ho fetisisa lekaleng leo.

“Dipatlisiso tsa ka tsa lengolo la master’s di batlisisa ka moo karolelano ya tlhahisoleseding, tshebedisano, tshebediso ya thekenoloji le bokgoni ba tsa tsamaiso le tsebo ya tlhophiso di ka thusang dikgwebo tse nyane tsa temo ho fihlella mebaraka. Bongata ba maano ana ke se ke qadile ho a sebedisa ditshebetsong tsa ka tsa bohwai le matsholong a ntshetsopele ya dihwai,” o ile a rialo. 

 

Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng, iteanye le Bucks N Bucks: 

Imeile: Lebakeng@bucksnbucks.co.za kapa Info@bucksnbucks.co.za 

Facebook: Lebakeng Mokhele | LinkedIn: Lebakeng Mokhele

General
Share this page