Phupu 2026 Kgatiso 2

Ho tloha ho mosebetsi wa nakwana wa moithuti ho ya ho mothehi wa mesebetsi mahaeng

Written by Sihle Manda

Se qadileng jwalo MS Construction and Projects e thehilweng ke Matsae Tsotetsi le Molingoane Morwa Phillimon e qadileng e le kgwebonyana ya bona jwalo ka baithuti mme jwale e tshehetsa le ho theha menyetla ya mesebetsi setjhabeng sa mahaeng a Qwaqwa. Setshwantsho: Se fanweka mohopolo wa kgwebo wa moithuti ka 2019, se hotse le ho fetoha kgwebo e hlahellang ka mahetla ya temo e thehang mesebetsi, e hlahisang dijo le ho tshehetsa ntshetsopele ya mahae mane QwaQwa, Foreisetata.

MS Construction and Projects, e thehilwe ka la 12 Phato 2019 ke Matsae Tsotetsi le Molingoane Morwa Phillimon ha ba ntse ba ithuta Khemphaseng ya Kgutlotharo ya Lekwa ya Yunivesithi ya Leboya-Bophirima.

Tsotetsi o ne a le selemong sa hae sa ho qetela sa dithuto tsa Diakhaonte tsa Ditjhelete, ha Phillimon yena a ne a le selemong sa hae sa bobedi sa dithuto tsa Taolo le Tsamaiso ya Mmuso.

“Khamphane e ne e bitswa MSC Agri Construction and Projects hobane re ne re batla ho etsa kaho ho tsa temo,” ho boletse Phillimon.

Leha ho le jwalo, bathehi bana ba ile ba hlokomela kapele hore ke temo e ka thusang haholo ho lwantsheng mathata ao setjhaba sa habo bona se neng se tobane le ona.

“Re ile ra hlokomela hore hobane ho na le batho ba bangata ba sa sebetseng hae kwana QwaQwa, moo e leng mahaeng, boholo ba baithuti ba nang le digrata ba fallela ditoropong ho ya batla maphelo a betere teng,” o ile a bua jwalo.

Leeto la bona la ho itshebetsa ha le a qala polasing, empa le qadile ka lebenkele le lenyane le neng le rekisetsa baithuti dikota.

“Re ile ra etsa tjhelete e ngata ka seo,” ho boletse Phillimon.

Katleho eo e ile ya ba fa boitshepo ba ho qala tsa bohwai, ba itshetlehile hodima hore Phillimon habo ba na le tsebo ya tsa temo.

Ba ile ba fallela QwaQwa, ba lema meroho jareteng e ka mora ntlo pele ba fetela pele ho ya setsheng sa hektara e le nngwe ya ntatemoholo wa Phillimon, moo a neng a lemela ho fepa lelapa la hae teng.

“Ho tloha hektareng eo e le nngwe, re ile ra kgona ho fumana tjhelete ho tswa ho SAB Foundation. Re ile ra ba karolo ya Lenaneo la SAB Tholoana le Setsi sa Kgodiso sa Maluti,” ho rialo Phillimon.

Khamphane jwale e se e hlwauwe jwalo ka bahodisi ba Setsi sa Boitshebeletsi sa Kholetjhe ya Maluti TVET.

Kgwebo ya bona e ile ya boela ya atoloha ho kenyeletsa bohwai ba dikgoho le dikolobe.

“Re qalella ho aha dirobe tsa rona tsa dikgoho tse tla kenya dikgoho tse 5 000 tse behelang ka mokgahlelo ka mong,” ho rialo Phillimon.

Ha jwale, kgwebo e na le dipolasi le ditsha tsa setso tsa dihektara tse tsheletseng ha mmoho le poloto e le nngwe ya hektara e le nngwe ya sethathong. Mmasepala wa Maluti-a-Phofung o ile wa fana ka metjhini, ho kenyeletsa kgofu e tjhekang, ho lokisa sebaka seo sa ho sebeletsa.

Lefapha la Temo la Foreistata, Ntshetsopele ya Mahaeng le Merero ya Tikoloho le ona a ile a fana ka moralo wa phepelo ya metsi, didiba tse tharo, ho teratela, matlo a mabedi a balebedi ha mmoho le sebaka sa polokelo.

Haesale ho tloha ka 2022, tshebetso ena e se e thehile mesebetsi e fetang 640 ya nakwana ka tshebedisano le Letlole la Khiro ya Setjhaba le Letlole la Tshireletso ya Tikoloho la Afrika. Mesebetsi ena e nka nako e ka bang dikgwedi tse 10 selemo ka seng.

Kajeno, MS Construction and Projects e rekisetsa dihlahiswa mabenkele a kang di-cash-and-carry, dikolo, diteishene tsa mapolesa, ditliliniki le setjhaba ka kakaretso.

General
Share this page