Phupu 2026 Kgatiso 2

Matla a ho lwantsha bofuma le tlhokeho ya tekatekano a matsohong a rona

Written by The Presidency: Republic of South Africa

Ka Moqebelo Matla a ho lwantsha bofuma le tlhokeho ya tekatekano a matsohong a ronawa la 18 Phupu, Afrika Borwa e tla tsamaya mmoho le dinaha tsa lefatshe ho keteka Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela. Ha letsatsi lena le ntse le atamela, ha re se keng ra nahana feela ka diketso tse ntle tseo dimilione tsa batho di tlang ho di etsa ka letsatsi leo, empa re boetse re tlameha ho nahana ka moelelo o tebileng oo Madiba a neng a o rerile ka ho tshwauwa hona ha letsatsi la hae la tswalo. 

Ka 2009, Seboka se Akaretsang sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba se ne se phatlalatse hore letsatsi la la 18 Phupu e be Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela. Ena e ne e se ketsahalo e qohollehileng bakeng sa Afrika Borwa feela. Lena le kgethilwe ho ba Letsatsi la Matjhaba la ho etsa ketso tse nepahetseng dinaheng tsohle tsa matjhaba: haholoholo twantsho ya bofuma, ho se lekalekane le ho se be le toka. 

Selemong sena, re kopa Moafrika Borwa e mong le e mong hore a latele kgoeletso eo. Ha re faneng ka metsotso ya rona e 67 ka diketso tsa tshebeletso tse fepang ba lapileng, tse tshehetsang ba hlonameng kapa ba tsofetseng. Ha re faneng ka ditsebo le nako ya rona ho mekgatlo e sebeletsang setjhaba sa habo rona letsatsi le letsatsi. Diketso tsena di bohlokwa hobane di fetola maphelo. 

Leha ho le jwalo, Madiba o ne a hlakise taba ya hore ho hlola bofuma ha se ketso ya ho phallela, empa ke ketso ya toka. Ka lebaka leo, ka Letsatsi lena la Mandela, ha re itlameng botjha mosebetsing o boima wa ho fedisa bofuma le ho se be le toka naheng ya habo rona le lefatsheng la bophara. 

Hara tse ding, hona ho bolela ho fetola melao le ditheo tse laolang ditjhelete tsa lefatshe hore di sebeletse ditlhoko tsa meruo e holang, e seng baruihadi feela. Sena hape se boetse se netefatsa hore ditshepiso tse neng di etswe ho dinaha tse hahlametsweng ke mathata a ho fetofetoha ya maemo a lehodimo di a phethahatswa. 

Ka Bopresidente ba rona ba G20 selemong se fetileng, re ile ra beha taba ya ho se be le tekateno ka matla dipuisanong tsa rona tsa matjhaba. Ha jwale re sebetsa le dinaha tse ding le ditsi ho theha Komiti ya Matjhaba ya ho Lwantsho ho se Lekalekane, ho disa ho se lekalekane lefatsheng, ho sheba hore disosa tsa hona ke eng, esitana le ditlamorao tsa teng ho kenyeletsa le ho kgothaletsa melawana e hlokehang ho lwantsha sena. Ha ho naha e tla hlola ho se lekalekane ka boyona; re hloka mehato e hlophisitsweng ya kopanelo, eo metheo ya yona e leng bonngwe le boikarabelo bo arolelanweng.

Jwalo ka naha, re tlameha ho sebedisa Letsatsi la Mandela ho tjhorisa boiteko ba rona ba ho lwantsha bofuma le ho se lekalekane. Re tlameha ho tsepamisa tshebetso ya rona ho tsa thuto le bophelo bo botle ba batho ba habo rona, mme re behe pele ditlhoko tsa ba fumanehileng le ba kotsing. Re tlameha ho tswela pele ho lebisa matla le disebediswa tsa bohlokwa ho matlafatseng thuto ya bana ba banyane dikolong tsa rona ha mmoho le ho phethela phetolo ya moralo wa rona wa ntshetsopele ya tsebo. Ka mokgwa o tshwanang, re tlameha ho tswela pele ho aha tshebeletso ya tsa bophelo bo botle e tla kgona ho fana ka tlhokomelo ya maemo a hodimo ho bohle, ho sa natswe hore ba kgona ho lefa kapa tjhe. 

Ho lwantsha bofuma le ho se lekalekane, re tlameha ho netefatsa hore melao ya rona e sireletsa basebetsi mme le maano a rona e be a tshehetsang mekgwa ya ho tsetela. Ho sa le jwalo, re tswela pele ho ntlafatsa moralo wa rona wa tshireletso ya setjhaba le ho thusa batho ho aha maphelo a bona, ho ba le maitsebelo esitana le ho fumana mosebetsi ka mananeo a rona a khiro ya setjhaba. 

Diketso tse molemo tseo re di etsang Moqebelong ona ha se feela diketso tsa pontsho, tse sa tsamaelaneng le mosebetsi o thata wa ho aha ditsi, ho kgothaletsa matsete, le ho fetola mekgwa ya tshebetso le melawana. Tsena kaofela ke karolo ya boiteko bona.

Ka lebaka leo, Letsatsing lena la Mandela, ha re ntse re sebeletsa ditjhaba tsa bo rona, ha re boeleng re ntjhafatseng maikemisetso a rona a ho fedisa bofuma le ho se lakalekane, e leng tsona tse entseng hore ho be le letsatsi lena. 

Madiba o re rutile hore ho aha setjhaba se nang le toka, se tsotellang hape se kenyeletsang bohle, ha se mosebetsi wa mmuso feela. Ona ke mosebetsi wa batho ba tlwaelehileng ba etsang diketso tse tswileng matsoho tsa ho kgathalla ba bang, ho ba sebete le hona ho sebeletsa ba bang. Jwalo ka ha Madiba a boletse: “Jwale ho matsohong a lona.”

Ha re etseng hore diketso tse molemo tseo re di etsang bekeng ena e be karolo ya motheo oo ho ona re ahang naha e ntlafetseng le lefatshe le ntlafetseng bakeng sa bohle. 

 

Molaetsa ona o phatlaladitswe lekgetlo la pele ka la 13 Phupu 2026.
General
Share this page