Ke nako
ya dilemo tse fetang tse 50, Grassroots Educare Trust e thusa ho bopa maphelo a bana dibakeng tse hlophehileng.
Mokgatlo ona o thehilwe ka 1972, mme o tsebahala haholo mane Kapa Bophirima le Kapa Leboya, mme o tsepamisitse tshebetso ya ona ho Ntshetsopele ya Kgudiso ya Bana (ECD) le ho tshehetsa basebeletsi ba bana ka thupello le boeletsi.
Mane Plettenberg Bay, Kapa Bophirima, letsholo lena le etelletswe pele ke moahi wa setjhaba Nomvuzo Funani, ya dumelang hore ngwana e mong le e mong o tshwanelwa ke tlhokomelo, tshireletso le monyetla wa ho ithuta.
“Ke ne ke batla motho ya neng a ka thusa ngwana ho hola mme e be motho ya itshepang, ya matla,” o boletse jwalo.
Ho ya ka Funani, thuto ke sesebediswa se matla se ka sireletsang bana, sa ba thusa ho hlahisa le hona ho theha menyetla ya bokamoso bo kganyang.
Grassroots e dumela hore ho hodisa bana ba banyane ke boikarabelo ba setjhaba kaofela le hore ECD ya boleng e ka fanwa dibakeng tse fapaneng, ho kenyeletswa malapeng, mabaleng a papadi le ditsing tsa ECD.
“Ka ECD, re bolela kae kapa kae moo bana ba banyane ba fumanang kgolo e phetseng hantle, e tsepameng, le e hlasimollang – ho sa natsehe hore na ke lapeng, lebaleng la papadi, kapa setsing sa ECD. Ho matlafatsa ditjhaba ho fana ka ECD, ke tshiya ya tumelo ya rona.
“Mananeo a rona a ditsebo boholo a ngodisitswe le Lafapha la Thuto la Kapa Bophirima (WCED). Mananeo ana a thupello a tsepamisitse tshebetso ho kenyeng tshebetso boleng ho ditsi tsa ECD le mananeo a kantle ho setsi. Sepheo sa sena ke ho tlisa botsitso ho diphapusi tsa borutelo le mesebetsi ya letsatsi ka leng ya matitjhere le baetapele ba dihlopha tsa papadi,” ho boletse Funani.
Letlole lena le boetse le fana ka thupello ya ho ikobela melawana le tsamaiso ya ditjhelete ho thusa dikolo tsa dikonyana ho sebetsa ka nepo, ka melawana e tiileng, meralo e loketseng ya ditjhelete, le dikonteraka tse hlakileng tsa basebetsi le tlhakisetso ya seo mosebeletsi a lokelang ho se etsa.
“Maikemisetso a rona ha se feela ho lokisetsa bana ho kena sekolo, empa ke ho thusa ho hodisa batjha ba nang le boitshepo le mamello, ba ka ahang ditjhaba tse matlafetseng nakong e tlang.”
Tshehetso ya ditjhelete e tswang ho Setsi sa Ntshetsopele ya Naha (NDA) e matlafaditse tshebetso ya Letlole mane Plettenberg Bay, e le ho thusa ho fihlella baetapele ba dihlopha tsa papadi ba eketsehileng, ho tshehetsa ho ikamahanya le melawana ditsing tsa tlhokomelo ya bana, le ho fana ka disebediswa tse jwalo ka disebediswa tsa baithuti le dijarete tsa dijo.
“Thuso ena e bohlokwa haholo ditjhabeng tseo ho tsona tshebediso ya dithethefatsi le tahi, bofuma le maemo a sa tsitsang a lapeng di behang bana kotsing. Ha ngata, Letlole lena le tlameha ho kwala sekgeo ho bana bao batswadi ba bona ba anngweng ke dithethefatsi le tahi, ka sepheo sa ho netefatsa hore ba ntse ba fumana tshehetso, tshireletso le thuto eo ba e hlokang.”
Ka ha Phupu ke Kgwedi ya Nelson Mandela, mosebetsi wa Grassroots Educare Trust o tsamaelana hantle le ditumelo tsa Mopresidente enwa wa mehleng, Nelson Mandela.
“Kgwedi ya Nelson Mandela ke kgoeletso ya ho sebeletsa ba bang ka lerato le boitelo. Mosebetsi wa rona o supa tumelo e amanang le sehopotso sa Mandela: boitlhompho, tsotello, ntlafatso ya setjhaba le tumelo ya hore phetoho ya nnete e qala boemong ba batho ba tlwaelehileng,” ho phethela Funani.