Komiti ya Matona
(IMC) e mabapi le Bofalli e kgalemetse ka matla diketso tsa ditlolo tsa molao tsa dihlopha tse qohollehileng tse ntseng di etsa ditekolo tsa boitsebiso ho matswantle Afrika Borwa.
Sena se latela ditlaleho tsa hore dihlopha di ne di tswa di kena matlong le dikgwebong tseo ho belaellwang hore ho dula bafalli ba se nang ditokomane.
Ha a bua sebokeng sa boraditaba se mabapi le bofalli haufinyane, Modulasetulo wa IMC le Letona la Toka, Mmamoloko Kubayi, o boletse hore le ha Maafrika Borwa a na le tokelo ya ho ipelaetsa kgahlano le bofalli bo seng molaong, empa botlokotsebe bona bo ke ke ba mamellwa.
“Sena ke tlolo ya molao, mme ditho tsa setjhaba tseo e leng karolo ya diketso tsena di eletswa hore di tlohele boitshwaro bona.
“Mmuso o toboketsa taba ya hore tsamaiso ya bofalli, taolo ya madiboho ha mmoho le ho busetswa lapeng ha melata ke boikarabelo ba Mmuso feela. O tswetse pele a bolela hore ha ho motho le ya mong kapa sehlopha se nang le tokelo ya ho inkela molao matsohong kapa ho tshosa, ho phephetsa kapa ho tlosa ntle le molao motho ofe kapa ofe motseng ofe kapa ofe,” ho boletse Kubayi mane Tshwane.
Letona le hatelletse taba ya hore baqobelli ba molao ba malala a laotswe ho nka mehato.
“Baqobelli ba rona ba molao ba ke ke ba qeaqea ho nka mehato kgahlano le ba tswelang pele ho etsa ditlolo tsena tsa molao tsa ho batlisisa le ho lekola boitsebiso,” o ile a rialo.
Ho feta moo, Kubayi o boletse hore ho tloha ka la 8 Phupu 2026, ba tsa molao ba butse dinyewe tse 205 tseo ho tsona ho tshwerweng babelaellwa ba 350.
“Dinyewe [tse ka bang] 69 di emetse ho fuputswa, mme tse 112 tsona di lenaneng la lekgotla mabapi le diketso tse amanang le boitshwaro bo seng molaong, ho tshosetsa, ho qhaphatsa le ditlolo tse ding.
“Mmuso o tla tswela pele ho sebetsa ka matla kgahlano le botlokotsebe, ho inkela molao matsohong, ditseko tsa setjhaba, ho tshosetsa, kgethollo le diteko dife kapa dife tsa ho qobella ditaba tse amanang le bofalli,” o ile a rialo.
Ho boela hae ka boithaopo le ka sheshe
Mmuso o tswela pele ho sebetsana le taba ya ho kgutlisetsa melata hae ho sebediswa Lenaneo le Dintlha di Hlano la ho laola bofalli bo leng hlokolosi boo e leng matshwenyeho a maholo ho Maafrika Borwa. Leha ho le jwalo, sena se tlameha ho etswa ho ntse ho latelwa melawana ya ho hlompha ditokelo tsa botho.
“Re na le keketseho e kgolo palong ya melata e tsamaileng ka boithaopo le ka sheshe. Ho fihla jwale [ka la 11 Phupu 2026], ke melata e 53 449 eo ho seng ho sekasekilwe taba ya yona hore e tsamaiswe ka sheshe kapa ka boithaopo, eo bongata ba yona e tlohang Malawi, Zimbabwe le Mozambique.
“Le ntle ho ho tsamaiswa ka boithaopo, tshebetso e tlwaelehileng ya ho tsamaiswa ka sheshe e ntse e tswela pele. Ka kgwedi ya Phuptjane 2026, ke batho ba 4898 ba tsamaisitsweng ka sheshe. Ho bona [ba Malawi – ke ba 1929; ba Zimbabwe – ke ba 1384; ba Mozambique – ke ba 1200; ha ba Lesotho bona ba le – 342] ba tsamaisitsweng ka sheshe. Ho tloha ka la 14 Phuptjane 2026 ho isa la 8 Phupu 2026, ke batho ba 2801. Ho bona [ba Malawi – ba 910; ba Zimbabwe – ba 903; ba Mozambique –ba 755; mme ba Lesotho bona ba – 187],” ho tlaleha Kubayi.