Phupu 2026 Kgatiso 2

Dinaha tse 40, Mic e le Nngwe: Tlhodisano ya Lefatshe ya Dithothokiso tsa Poetry Slam e Leba Thekong

Written by More Matshediso

Boradithothokiso Dinaha tse 40, Mic e le Nngwe: Tlhodisano ya Lefatshe ya Dithothokiso tsa Poetry Slam e Leba Thekongba slam ba tswang dinaheng tse 40 dikontinenteng tse hlano ba tla fihla Thekong bakeng sa Tlhodisano ya bohlano ya Lefatshe ya Poetry Slam ka Mphalane 2026.

Tlhodisano ena e tla tsamaiswa ke Setsi sa Bonono ba Boiqapelo mane Yunivesithing ya KwaZulu-Natal (UKZN), mme e tla hlahiswa nakong ya Mokete wa bo 30 wa Poetry Africa, o qalang ka la 5 ho isa ka la 10 Mphalane 2026.

Tlhodisano le mokete di hlophisitswe tlasa lepetjo le reng “Lentswe le leng le le leng ke Tsela, Lentswe le leng le le leng ke Toropo” mme di tla keteka bangodi ba dithothokiso ba batjha ba ditoropong ho boetswe hape ho etswa le sehopotso sa dilemo tse 50 sa Boipelaetso ba Batjha ba Soweto le sebete sa batjha ho bopeng bokamoso ba naha.

Mokete ona o boetse o tla tlotla lefa le tswellang la Sengodi se ikgethileng sa Afrika Borwa, Moprofesara Mazisi Kunene, ho tshwaya dilemo tse 20 esale a hlokahala le ho ananela tshebetso ya hae e kgolo ho dingolwa tsa Afrika.

Molaodi wa Setsi sa Bonono ba Boiqapelo UKZN, Ismail Mahomed, o itse: “Tsela e telele e lebisang hekeng e kgolo ya UKZN e rehelletswe ka Moprofesara Mazisi Kunene ya seng a re siile. Re ntse re batla ho keteka ka moo mantswe a hae le lefa la hae di tswelang pele ho utlwahala ho bopeng maikemisetso a yunivesithi ya rona le bokamoso ba toropo ya habo rona.”

Dilemong tse mashome a mararo tse fetileng, Setsi sa Bonono ba Boiqapelo se tshwere e meng ya mekete e pele ya bonono Afrika Borwa — Mokete wa Time of the Writer, the JOMBA! Wa Motjeko wa Sejwalejwale le wa Matjhaba wa Difilimi wa Thekong — o nehelanang ka mananeo a kgothatsang, a qholotsang a boetseng a phephetsang.

“Mekete ya rona e hapileng dikgau ke karolo ya bohlokwa ya tsebo ya moruo wa UKZN le moruo wa bohahlaudi ba setso ba toropo ya rona. Mekete ena e boetse e fa batjha menyetla ya ho ithuta mesebetsi, e thehela dinono mesebetsi mme e tswele lekala la lehae la kamohelo ya baeti molemo. E boetse hape e tla ka mapetjo a thusang kahong le ho kopanyeng setjhaba,” ho rialo Mahomed.

Bankakarolo ba boetse ba tla nahana ka keteko ya dilemo tse 30 tsa Molaotheo wa Afrika Borwa, o amohetsweng ka 1996, le ka Karolo ya bo 16 ya ona — e netefatsang bolokolohi ba boiponahatso le bolokolohi ba boqapi, tseo kaofela e leng ditshiya tsa demokrasi ya naha ya rona.

Lenaneo lena le radilwe ka ho qoholleha ke mohlophisi Siphindile Hlongwa, ya etelletseng pele boiketo ba Afrika Borwa ba ho tshwara Tlhodisano ya Lefatshe ya Poetry Slam.

“Mokete wa selemong sena o tla hlahisa dithothokiso tse supang ditsela le mantswe a ahang mafatshe a phethahetseng. Ho tswa ditseleng tse kgutsitseng tsa boinahano ho ya ho ditseleng tse phatsimang tsa boipelaetso le thoriso, boradithothokiso ba 40 ba Slam ho tswa dinaheng tse 40 ba tla dumella mantswe ho re etella pele diterateng tse sa tsejweng ka morethetho, nnete le botho ba rona bohle,” ho hlalosa Hlongwa.

Mokete ona o tla kenyeletsa le lenaneo le hlasimollang le akgang diwekshopo, dikopano, diphatlalatso tsa dibuka, dipuisano tsa dihlopha le ditlhahiso tse kopanyang dithothokisi, baphatlalatsi, dirutehi, ba sebetsang ka tsa setso le ba tswang lefatsheng ho pota ba tla beng ba tlile moketeng ona. 

 

Ho ithuta haholwanyane, etela: www.poetryafrica.ukzn.ac.za 
General
Share this page